Grade 12 Sesotho First Additional Language Past Paper 1

Grade 12 [Matric: Sesotho] past papers and memos

Sesotho First Additional Language Paper 1 2019

DITAELO HO MOHLAHLOBUWA

  1. Pampiri ena e arotswe DIKAROLO TSE THARO, e leng:
    KAROLO YA A: Tekokutlwisiso (30)
    KAROLO YA B: Kgutsufatso (10)
    KAROLO YA C:Dibopeho le melao ya tshebediso ya puo (40)

  2. Araba dipotso TSOHLE.

  3. Qala KAROLO E NNGWE le E NNGWE leqepheng LE LETJHA.

  4. Seha mola qetellong ya KAROLO E NNGWE le E NNGWE.

  5. Nomora dikarabo tsa hao feela jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.

  6. Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.

  7. Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.

  8. O eletswa ho sebedisa nako ya hao tjena:
    KAROLO YA A: Metsotso e 50
    KAROLO YA B: Metsotso e 20
    KAROLO YA C: Metsotso e 50

  9. Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang.


KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
Karolong ena o fuwe mefuta E MMEDi ya ditema. Bala le ho boha tema E NNGWE le E NNGWE, araba ka lentswe LE LE LENG feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.

POTSO YA 1
Bala tema ena e latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse hlahang tlasa yona.


TEMA YA A

MMOLAI YA KGUTSITSENG

  1. Ho ya ka tlaleho ya Mokgatlo wa Bophelo wa Lefatshe, ke batho ba babedi ho ba bararo, ba tshwerweng ke lefu la kgatello e phahameng ya madi. Ntho e tshosang ke hore palong eo, halofo ya bona ke e sa tsebeng hore e na le lona lefu lena. Athe ka lehlohonolo halofo e nngwe e a tseba. Ho kotsi ka ho fetisisa ha o sa tsebe hore o na le lona hobane lefu lena ke mmolai ya kgutsitseng. Bongata ba diphofu bo qetella bo tshwerwe ke setorouku, diphiyo kapa lefu la pelo.
  2. Dipatlisiso di bontsha hore ho na le mabaka a fapaneng a bakang lefu lena. Batho bohle bao batswadi ba bona ba nang le lona, ba kotsing ya ho fetoha diphofu. Batho ba batenya, ba kabelang letswai le mafura le bona ba ntse ba le hona kotsing ena. Ntle le moo, batho ba nwang jwala le ba tsubang kwae le bona ba tjametswe ke kotsi ena. Karolo e nngwe ya batho ba tsietsing, ke e kenyelletsang bomokotla o mahlo mehlohlwa e rapame, e leng ba sa ikwetliseng le ka mohla. Tlaleho eo, e boetse e bolela hore batho ba batsho ba bontate ba dilemong tsa bomashome a mane, ba kotsing ho feta bomme.
  3. Tsela e nngwe feela eo re ka tsebang hore na methapo ya rona ya madi e na le kgatello e phahameng kapa tjhe. Tsela eo ke ya hore re ye ngakeng kapa tliliniking ho ya itlhahloba. Tlhahlobo e supang hore kgatello ya madi ke 120/80 mmHg, e bolela hore o phetse hantle. Empa ha e ka ba 130/90 mmHg kapa ho feta moo, o tsebe hore o mathateng. Athe teng ha e ka ba 160/98 mmHg wa se ke wa fumana thuso, beno ba tla lla sa mmokotsane hobane mmolai enwa, ha a na qenehelo. Le teng ha palo tseo di le tlase ho 120/80 mmHg, k.h.r 100/75 mmHg le teng o kotsing hobane kgatello eo ha e a tshwanela ho ba tlase haholo.
  4. Pelo e amohela le hona ho pompa madi motjhaotjhele. E pompa madi ho ya dikarolong tse fapaneng tsa mmele. Sekgahla seo madi ana a phallang ka sona methapong ke sona se tlisang kgatello methapong. Sekgahla sena se ka ba hodimo kapa tlase, ho kotsi ha sekgahla sena se le hodimo hobane se thefula kapa se sarolla methapo e tsamaisang madi ka tsela e sa amoheleheng. Ka baka leo, methapo eo e ka nna ya phatloha. Phallo e sa sitiseheng ya madi e bohlokwa hobane e nnetefatsa hore  ditho tsohle tsa mmele di fumana  diahammele le okosijene. E boetse e bohlokwa hobane ke ka madi ao dikhemikhale le ditshila tse sa hlokeheng di tswang mmeleng.
  5. Kgatello e phahameng e sa laoleheng ya madi e senya ditho tsa mmele tse kang; boko, pelo le diphiyo. Methapo ya madi e lemetseng e ka taboha kapa ya kwaleha. Sena se ka lematsa boko, wa tshwarwa ke setorouku. Setorouku se holofatsa ditho tsa mmele tse kang, matsoho, maoto le sona sefahleho, mme o ka nna wa holofalla ruri.
  6. Pelo e ka ema, ya se ke ya hlola e kgona ho pompa madi. Ntle le moo, motho a ka ba le lehlaba sefubeng ka lebaka la ho se fumane okosijene e lekaneng kapa karolo e nngwe ya pelo e ka emisa ho sebetsa ha methapo e tlisang madi pelong e kwalehile. Ho hloleha ho sebetsa ha pelo ho bolela hore tjhoba le ka lala phoka neng kapa neng. Setho se seng se ka angwang ke kgatello e phahameng ya madi ke diphiyo. Ha diphiyo di ka sohlokeha, mmele wa hao o ke ke wa hlweka lekgale hobane diphiyo ke tsona tse hlwekisang madi a rona.
  7. Haekare o ile ngakeng kapa tliliniking, ho be ho fumaneha hore kgatello ya hao ya madi e hodimo, o tla qala ho fuwa ditlhare tse laolang kgatello eo. Bomadimabe ke hore lefu lena ha le fole, empa le laolwa feela hore le se ke la tswa taolong. Ntle ho moo, phofu ya lefu lena e tshwanela ho itlhokomela ka ho ikwetlisa le ho ja ditholwana tse lekaneng. E kgaotse ho ja mafura a diphoofolo. Lenane la tseo phofu e lokelang ho di ela hloko le lokela ho kenyelletsa ho kgaotsa ho tsuba le ho nwa jwala.
  8. Ruri, Mosotho o ne a nepile ha a re: ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.

1.1. Ho ya ka mokgatlo wa bophelo wa lefatshe, ke batho ba bakae ba tshwerweng ke lefu la kgatello e phahameng ya madi? Sheba mela ya 1–2. (1)

1.2. Ho ya ka tlaleho e qotsong ee ke ntho efe e tshosang? Sheba mela ya 2–5. (1)

1.3. Pakeng tsa banna le basadi ke bafe ba kotsing ya ho tshwarwa ke lefu leo ho buuwang ka lona qotsong ee? Sheba mela ya 11–14. (2)

1.4. Nehelana ka dihlopha TSE PEDI tsa batho tse ka bang le kgatello e phahameng ya madi. Sheba seratswana sa 2. (2)

1.5. Hobaneng ha lefu lena le tsejwa ka hore ke mmolai ya kgutsitseng? Ke polelo efe seratswaneng sa pele e tiisang karabo ya hao? Sheba mela ya 4–5. (2)

1.6. Ke palo dife tse bontshang hore motho o phela hantle, ha a na kgatello ya madi? Sheba mela ya 15–17. (1)

1.7. Ditlamorao tsa kgatello e phahameng ya madi, di ama diphiyo ka tsela efe? (2)

1.8. Nehelana ka lebaka le hananang le polelo e latelang:Ke batho bohle ba ka kgonang ho laola hore ba se  tshwarwe ke lefu la kgatello e phahameng ya madi. (2)

1.9. Bolela hore polelo e latelang ke Nnete kapa Mafosi, o be o nehelane ka lebaka la karabo hao.Lefu la kgatello e phahameng ya madi le tshwere palo e tlase ya batho lefatsheng. (2)

1.10. Kgetha karabo e nepahetseng ho (A–D). Palo ya batho ba sa tsebeng hore ba tshwerwe ke lefu la kgatello e phahameng ya madi ke …
A) motho a le mong.
B) halofo ya palo ya batho kaofela.
C) batho ba babedi palong ya batho ba bararo.
D) halofo ya batho bohle ba tshwerweng ke lefu lena. (1)

1.11. Mothofatso o sebedisitsweng polelong e latelang, o o thusa jwang ho utlwisisa seo ho buuwang ka sona moo?Mmolai enwa, ha a na qenehelo. (2)

1.12. Molaetsa wa mongodi ke ofe ka tema ee? (2)

1.13. Taba ya hore motho a ka ba le kgatello e hodimo ya madi ka baka la lefutso ke ntlha kapa ke mohopolo? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2)

1.14. Na o ka re ditaba tsa mela ya 11–14 di na le kgethollo/leeme? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2)


TEMA YA B

Boha tema e latelang, ebe o araba dipotso tse tla e latela.

Screen Shot 2022-09-05 at 3.22.52 PM

1.15. Ke mofuta ofe wa diphoofolo o tsietsing ya ho fela serapeng see ka morao ho komello? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2)

1.16. O nahana hore ke lebaka lefe le etsang hore palo ya matsa e be hodimo ho feta ya diphoofolo tsohle serapeng see ka morao ho komello? (2)

1.17. Ntle le komello, ke eng e ka bang e fokoditse ditshukudu dilemong tsee tse pedi serapeng see ho latela maemo a naha ya Aforika-Borwa? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2)

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30

KAROLO YA B: KGUTSUFATSO

POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka ho ngola dintlha TSE SUPILENG, tse fanang ka dikeletso tsa bohlokwa tse ka rutwang bana kgahlanong le ho kwetelwa.

DITAELO

  1. Ngola dipolelo TSE SUPILENG, tse phethahetseng.
  2. Mantswe e be A SA FETENG a 70.
  3. Nomora dipolelo tsa hao ho tloha ho 1 ho ya ho 7.
  4. Ngola ntlha E LE NNGWE feela polelong ka nngwe.
  5. Qetellong ya kgutsufatso ya hao, bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng ka masakaneng.


TEMA YA C

Screen Shot 2022-09-05 at 3.32.37 PM

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10

KAROLO YA C: DIBOPEHO LE MELAO YA TSHEBEDISO YA PUO

POTSO YA 3: PAPATSO
Bala papatso e latelang, e be o araba dipotso tsa manollo ya setshwantsho le tshebediso ya puo.


TEMA YA D

3.1. Nehelana ka melemo E MMEDI e ka unwang ke bareki ha ba ka iphumanela sehlahiswa se bapatswang. (2)

3.2. Bolela hore sehlahiswa se bapatswang se reretswe bomang. (1)

3.3. Hobaneng mantswe ana, ‘iphumanele tse latelang ‘sesolo FEELA’, a ka susumetsa bareki hore ba reke sehlahiswa see? (2)

3.4. Bohlokwa ba ho qatsohisa lentswe ‘NAKO’ papatsong ee ke bofe? (2)

3.5. Sepheo sa Banka ya Standard sa ho sebedisa letshwao la yona le ikgethang ke …
A) ho susumetsa bareki ho kgetha ho reka sehlahiswa sa bona.
B) ho tiisetsa bareki hore sehlahiswa efela e le sa bona, mme ke sa
C) boleng bo hodimo.ho itshireletsa kgahlanong le bahlahisi ba bang ba sehlahiswa se
D) tshwanang le sa bona.Dikarabo tsohle di nepahetse. (1)

3.6. Na o nahana hore ho ba le akhaonto e bapatswang bankeng ya Standard ke kgatelopele? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2)

[10]

POTSO YA 4: KHATHUNU
Bala ditaba tsa khathunu ena e latelang, o ntano araba dipotso tse tla e latela.


TEMA YA E

4.1. Nehelana ka dintho TSE PEDI khathunung ntle le lentswe, ‘Baithuti’, tse bontshang hore diketsahalo tsa yona di etsahalla phaposing ya borutelo. (2)

4.2. Hobaneng baithuti ba khathunung ba kwalletswe ka sefe ya tshireletso? (2)

4.3. Manolla phoqo e hlahiswang khathunung ena. (2)

4.4. Sekaseka tlhokomediso e temeng mabapi le moaparo wa titjhere. (2)

4.5. Na mantswe aa, ‘Eo yena’, a totobatsa lenyatso? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2)

[10]

POTSO YA 5

5.1. Bala ditaba tsa tema ena, o ntano araba dipotso tse tla e latela.Tlatsa dikgeo ka mantswe a nepahetseng ho a latelang. Ngola nomoro le lentswe le nepahetseng feela. (5.1.1–5.1.6)ebe, tsekela, matjeke, kajeno, sithabetsang, itlhophere, ja,


TEMA YA F

BOPHELO BA METSENG E MEHOLO

Bophelo ba metseng e meholo (5.1.1) … ke bo thata; bophelo ba ditlokotsi le ditsietsi tse (5.1.2) … maikutlo a motho. Mona metseng e meholo motho o (5.1.3) … ka mofufutso wa phatla ya hae, mme ha ho tse fumanwang di tonositse. Diterene di lla e sa le ka (5.1.4) … di bitsetsa batho ho theohela mosebetsing. Monna le mosadi ba tsohella mosebetsing jwalo (5.1.5) … ba ile, ba ile.

Bana ba sala jwalo letsheare lohle ba (5.1.6) …. le motse eka dikgutsana tse se nang beng. Ba bang ba sala ba itlhophere ba se na le ha e le sengwathana sa bohobe. Ba sale jwalo ka tshepo le tebello hore batswadi ba tla ba tlela le dimonamona kapa ona masalla a tse neng di jowa mosebetsing.

(6)

Bala tema e latelang, o nto araba dipotso tse thehilweng hodima yona.


TEMA YA G

Ra tlangwa matsoho le mahlo hore re tle re se ke ra bona moo re yang. Ra kgarametswa hara mafifi jwalo, re ntse re kgotlwa ka dithunya mafetshwaneng, re bile re bolellwa hore re phahamise maoto. Re ne re kgothometseha, re kgoptjwa re ba re polana fatshe, re tsoswa ka dieta dikgopong. Re sa fuwe nako ya ho inahana, ho botsa kapa ho buisana. Moetapele wa batlatlapi bao a ntse a kgaruma feela a re: ‘Ka nqena! Ntho tsee ke difofu na?’

Tsa e baka ditaba kgalala tsa metseng! Koloi ya kgarametsa ho leba leboya, mme he, yaba ha ho potang, o qadile, o qadile moferefere. Ra thulana ka dihlooho ka hara koloi. Lerata la yona la re thiba ditsebe. Ra ipotsa dipotso hore ebe jwale re jele eng, mme re e jella mang le hona. Monyaka wa fetoha maswabi re sa lebella.

5.1.7. Letshwao lena (!) polelong ena le sebedisitswe ka sepheo sefe?’Tsa e baka ditaba kgalala tsa metseng!’ (2)

5.1.8. Kganyetsano e sebedisitsweng polelong ee, ‘Monyaka wa fetoha maswabi’, e o thusa jwang ho utlwisisa maemo a ditaba ao ho buuwang ka ona temeng? (2)

5.1.9. Bohlokwa ba phetapheto e sebedisitsweng mantsweng aa ke bofe? ‘O qadile, o qadile moferefere.’ (2)

5.1.10. Na tshebediso ya lentswe ‘ntho’ polelong e latelang e senola maikutlo a sebui? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.’Ntho tsee ke difofu na?’ (2)


TEMA YA H

Screen Shot 2022-09-05 at 4.05.48 PM

5.2.1. Qolla lentswe puong ya mosadi ya setshwantshong, le tiisang hore ke kgale a bone hore seo a se bolellwang se tla etsahala. (1)

5.2.2. Ngola polelo e latelang hape, e se e bontsha hore mmuiswa o iketsa ketso. Butle, se tate o tsebe ho utlwa ha di tswela pele. (1)

5.2.3. Ipopele polelo ka lentswe le latelang ho hlakisa moelelo o fapaneng le oo le sebedisitsweng ka ona setshwantshong.bona (2)

5.2.4. Mantswe aa a Disebo, ‘Aha! Haesale ke bona’, a totobatsa tshekamelo jwang? (2)

[20]

MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 40
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80